Jump to content

Ho ngola leqephe le letjha

E tswa ho Wikipedia

Leigh Seeker

[fetola | fetola mohloli]

Ho hlahella ha moetsi wa ditaba ya,tlang ho tuma hotswa teropong ya Moemaneng Marquard 9610

[fetola | fetola mohloli]

Ha a le dilemo tse 20 feela, Lebohang Matli ya tsejwang haholo ka lebitso la Leigh Seeker

o ntse a iketsetsa lebitso lefatsheng la boiqapelo la boqapi ba ditaba (content creation). O hlahetse

mme a holela motseng wa Moemaneng Marquard 9610, teropong e nyane pronfinseng ya Free State,

mme leeto la hae ke pale ya boikitlaetso, boikemisetso le ho iphumanela tsela bophelong.

Ha a ntse a hola Marquard, Leigh o ile a kena Moemaneng Primary School, moo a ileng a aha motheo wa thuto ya hae le bokgoni ba boetapele. Hamorao, a tswela pele dithutong tsa hae sekolong se phehameng sa Mohlodi Thuto Secondary School, moo a ile a qeta metiriki ka 2023. Nakong ya sekolo, o ne a tsejwa e le moithuti ya sebetsang ka thatha, ya ratang ho buisana le batho le ho ba natefisa. Bokgoni ba hae ba ho bua phatlalatsa le boitshepo bo ile ba etsa hore e be MC meketeng, moo a ileng a ntlafatsa bokgongi ba hae ba poisano le ho bua phatlalatsa.[1]

Ka mora ho le ho qeta meteriki, ho ena le ho potlakela yunivesithing, o ile a nka kgefutso moo ala nka qeto ya ho ruta bana ba bang (tutoring), a bala dibuka mme a ithuta ka bophelo. Nako ena e ile ya mo ruta mamello, boitlamo le bohlokwa ba kgolo ya batho.

Leigh Seeker: Yunivesithing(2025)

[fetola | fetola mohloli]

Ka 2025, Leigh o ile a ingodisa ho Central University of Technology, ho ithutela hoba mosuwehlooho wa dithuto tsa Science. Qalong, e ne ese thutoto eo a neng a e rata empa ha nako e ntse e ya, o ile a qala ho e rata mme qetellong a fumana lerato la nnete bakeng sa yona. Ka moraho ho kamohelo eo, o ile a etsa qeto ya ho etsa hore bophelo ba yunivesithi bo monatefele ka ho kenella ntho tsa mararang tse fapaneng. Leigh o ile a fumana boiphehlelo le boitshepi ka honka karolo ntho tse kang;

  1. CUT Marketing Team[2]
  2. CUT FM(co-host)
  3. CUT Media Sport[3]

Moo a ile a kgona ho ntlafatsa bokgoni ba hae ba ho hlaisa mananeo le kgaso mme a boela a bontsha bophelo ba baithuti le setso sa yunivesithi. Mme tsena tsohle di ile tsa hodisa ba latedi ba hae ho Tiktok[4] le Facebook[5], kaha batho ba bangata ba hokahana le botho ba hae, boitsitse le boqapi. Ka metlae, dipale tsa bophelo ba varsity le diketsahalo tsa media, o ntse a iketsetsa sebaka lefatsheng la dijithale.

Ka balatedi ba ntseng ba hola, mafolofolo le tantjello ya hae lefatsheng la media, ha ho pelaelo hore Leigh Seeker ke lebitso leo batho ba lokelang ho le ela hloko dilemong tse tlang.

"Ho tloha Marquard ho ya lefatshebg la media, lena ke leqalo feela"

[fetola | fetola mohloli]
  1. Leigh Seeker (@leigh_seeker) | TikTok
  2. CUT | Communications and Marketing
  3. CUT MEDIA (@cutmedia) • Instagram photos and videos
  4. Leigh Seeker (@leigh_seeker) | TikTok
  5. Leigh Seeker | Facebook